O Sitiswa Ke Eng?

Kajeno ke tsietseng ka nnete ke a tsieloa
Ha ke sheba dikhutsana tsena tsaka mahlo a ka a tlala dikhapa
K'utlwa ke itshola hore ke ne ho nyalla eng na
Ha e kabe ke ituletse ke le mong ka ikhodisetsa bana baka

Mamello joale se e mpheletse
Hoba ke lekile ka matla ho kgakanyetsa sello sa bona
Mme wena ka mehla ke ho botsa ka ngongoreho tsa bona
O nqhekanyetsa ka mantsoe a lerato le ke sa tsebeng hore ha o ntata

O sitiswa ke eng ho ba rata
O sitiswa ke eng a ko o njwetse mosadi
O sitiswa ke eng ho ba rata
O sitiswa ke eng a ko o njwetse mosadi

Ha ba ka etsa phosonyana a sheshe aroha hang hang
Ntle ho teka teko le nna ke be ke hlabehe
Empa kajeno lena mona ho fihlile qetellong
O tla tlameha ho phedisana le bona kapa ho boela heno

Mamello joale e se e feletse
Hoba ke lekile ka matla ho kgakanyetsa sello sa bona
Mme wena ka mehla ke ho botsa ka ngongoreho tsa bona
O nqhekanyetsa ka mantsoe a lerato le ke sa tsebeng hore ha o ntata

O sitiswa ke eng ho ba rata
O sitiswa ke eng a ko on jwetse mosadi

O sitiswa ke eng a ko onjwetse mosadi
O sitiswa ke eng ho ba rata

Curiosità sulla canzone O Sitiswa Ke Eng? di Steve Kekana

Quando è stata rilasciata la canzone “O Sitiswa Ke Eng?” di Steve Kekana?
La canzone O Sitiswa Ke Eng? è stata rilasciata nel 1987, nell’album “Sebabatso”.

Canzoni più popolari di Steve Kekana

Altri artisti di Soft rock