Phoso lia etsahala
Chorus
Le fahloa le shebile, e khoptjoa ele maoto a mane Phoso lia etsahala *2
Nkinele matsoho metsing, moebang ke o foselitse ngoaneso.
Nkinele matsoho metsing, thupa ha e shape fats'e ntoa ha e lale *2
Verse 1
Bo ts'oloa bo chesa bo tsohe bo folile,
Ese eka bohale bo ka kokobela, ese eka bohale bo ka kokobela. Ntoa kea malula-moho, Phoso lia etsahala, Phoso lia etsahala *2
Letlaila le tlailela moreneng, le ha re ka leka ho li qoba liphoso li tla ne li be teng, liphoso li tla ne li be teng.
Ke sitetsoe batho ba bangata ntle le maikemisetso, Ke siile batho ba eme le monna oa mateneng.
Chorus 2
Verse 2
Ese eka o ka busetsa pelo malulong oa kokobetsa khalefo ho hlomoha hoa fela. Ese eka o ka khoba mats'oafo oa leballa bohle ba kileng ba o siteloa. Ese eka o ka ts'oarela oa its'oaea liphoso mo o fositseng oa amohela, ese eka o ka mamela le tsa ba o phoqileng oa li ananela.
Ha e phaphathoe ho boptjoe kutloano (Ha e lale), Khotso ha e ate re fokotse moroalo (Ha e lale), ha ho kopanoe ho khohloptjoe lipalo (Phoso lia etsahala).
Ha e phaphathoe ho boptjoe kutloano (Ha e lale), Khotso ha e ate re fokotse moroalo (Ha e lale), ha ho kopanoe ho khohloptjoe lipalo (Phoso lia etsahala).
Chorus 3